2 “Halaletsang* letsibolo le leng le le leng le letona* bakeng sa ka hara Baiseraele. Letsibolo le letona le tla hlaha hara batho le diphoofolo ke la ka.”+
30 Sena ke seo o lokelang ho se etsa ka poho ya hao le ka nku ya hao:+ E tla qeta matsatsi a supileng le mme wa yona. O mphe yona ka letsatsi la borobedi.+
13 Matsibolo ohle ke a ka.+ Ka letsatsi leo ka lona ke neng ke otla matsibolo ohle naheng ya Egepeta,+ ke ile ka halaletsa matsibolo ohle a Iseraele bakeng sa ka ho tloha ho motho ho ya ho phoofolo.+ E tla ba a ka. Ke nna Jehova.”
15 Letsibolo le leng le le leng la dintho tsohle tse phelang+ leo ba le hlahisang ho Jehova, ebang ke la motho kapa la phoofolo, e tla ba la hao. Le ha ho le jwalo, o lopolle matsibolo+ a batho le matsibolo a diphoofolo tse sa hlwekang.+
17 Ke feela letsibolo la poho kapa letsibolo la konyana e tona kapa letsibolo la podi leo o sa lokelang ho le lopolla.+ Ke dintho tse halalelang. O fafatse madi a tsona aletareng+ mme o etse hore mafura a tsona a kubelle e le nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.*+