-
Exoda 29:10-14Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
10 O hlahise poho ka pela tabernakele* mme Arone le bara ba hae ba behe matsoho a bona hloohong ya poho eo.+ 11 O e hlabe ka pela Jehova monyako wa tabernakele.*+ 12 O nke madi a mang a poho eo ka monwana wa hao mme o a tlotse manakeng a aletare+ ebe o tshollela madi a mang kaofela karolong e ka tlase ya aletare.+ 13 O nke mafura+ ohle a kwahelang mala, o nke le mafura a sebeteng le diphiong tse pedi le mafura a hodima tsona mme o di tjhese hore di kubelle hodima aletare.+ 14 Empa o tjhesetse nama ya poho le lekoko la yona le bolokwe ba yona ka ntle ho diahelo. Ke nyehelo ya sebe.
-