-
Levitike 9:18-20Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
18 A hlaba poho le ramo ya sehlabelo se kopanetsweng seo e neng e le sa setjhaba. Bara ba Arone ba mo fa madi a tsona mme a a fafatsa mahlakoreng ohle a aletare.+ 19 Ha e le dikarolo tse mafura tsa poho,+ mohatla o mafura wa ramo, mafura a kwahetseng mala, diphio le mafura a sebeteng,+ 20 ba di beha hodima difuba tsa poho le ramo yaba Arone o di tjhesa aletareng e le hore di kubelle.+
-
-
2 Dikronike 7:7Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 Solomone a halaletsa karolo e bohareng ya lebala le ka pela ntlo ya Jehova. Ke hona moo a neng a tla etsetsa dinyehelo tsa setjheso+ le dikarolo tse mafura tsa mahlabelo a kopanetsweng hobane aletare ya koporo+ eo Solomone a neng a e entse e ne e sa kgone ho lekana mahlabelo a setjheso, dinyehelo tsa dijo*+ le dikarolo tse mafura.+
-