Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Levitike 14:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 7 A fafatse madi ka makgetlo a supileng ho motho ya itlhwekisang lepera mme a bolele hore o hlwekile ebe o lokolla nonyana e phelang.+

  • Levitike 14:53
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 53 A lokolle nonyana e phelang a le ka ntle ho motse mme a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe bakeng sa ntlo eo mme e tla hlweka.

  • Levitike 16:21, 22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 Arone a behe matsoho a hae hloohong ya podi e phelang mme a bolele diphoso tsohle tsa Baiseraele le melato yohle ya bona le dibe tsohle tsa bona hodima yona, a di behe hloohong ya podi+ mme motho ya kgethilweng a e lokolle hore e ye lefeelleng. 22 Podi eo e tla jara diphoso tsohle tsa bona+ mme o tla e lokolla hore e ye lefeelleng.+

  • Esaia 53:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  4 Ka nnete o ile a jara malwetse a rona,+

      A jara le bohloko ba rona.+

      Empa ra nka hore o a hlokofatswa, ra nka hore Modimo o a mo otla le ho mo hlorisa.

  • Baroma 15:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Le Kreste ha a ka a itjheba boyena,+ le Mangolo a re ka yena: “Dithohako tsa ba neng ba o rohaka di wetse hodima ka.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela