-
Levitike 3:3-5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
3 A hlahise ho Jehova karolo e nngwe ya sehlabelo se kopanetsweng e le nyehelo e tjheswang ka mollo+ e leng mafura+ a kwahelang mala, mafura ohle a potolohileng mala, 4 diphio tse pedi le mafura ohle a di potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le diphiong.+ 5 Bara ba Arone ba etse hore e kubelle aletareng hodima nyehelo ya setjheso e hodima patsi e mollong.+ Ke nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.*+
-
-
Levitike 7:29-31Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
29 “Bolella Baiseraele o re, ‘Mang kapa mang ya hlahisang sehlabelo sa hae se kopanetsweng ho Jehova, o tla tlisa ho Jehova karolo e nngwe ya nyehelo ya hae e tswang sehlabelong sa hae se kopanetsweng.+ 30 A tlise mafura+ le sefuba ka matsoho a hae e le nyehelo e tjhesetswang Jehova mme o tla e tsokela kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova.+ 31 Moprista o tla etsa hore mafura a kubelle hodima aletare+ empa sefuba e tla ba sa Arone le bara ba hae.+
-