8 Jehova a tswela pele ho bua le Arone a re: “Ke o fa boikarabelo ba ho hlokomela menehelo eo ke e etsetswang.+ Ke file wena le bara ba hao karolo ya dintho tsohle tse halalelang tseo Baiseraele ba faneng ka tsona e le kabelo eo le tla dula le e fumana.+
12 Dihlahiswa tsa bona tsa pele tseo ba di fang Jehova tsa oli yohle e ntlehadi,+ veine yohle e ntjha e monate ka ho fetisisa le koro,* ke o fa tsona.+
30 Ditholwana tsohle tsa pele tse butswitseng le menehelo ya mefuta yohle e tswang ho lona e tla ba ya baprista.+ Le lokela ho fa baprista phofo* ya pele ya dijo* tsa lona tse kotutsweng pele.+ Ha le etsa jwalo, malapa a lona a tla dula a hlohonolofatswa.+