30 Le fe Jehova tse ding tsa dihlahiswa tsa naha ya lona ebang ke tse tswang masimong kapa ke ditholwana tsa difate. Ho tse leshome+ le mo fe e le nngwe. Ke ntho e halalelang ho Jehova.
11 Dintho tsena le tsona ke tsa hao: Dimpho tseo ba fanang ka tsona+ ha mmoho le dinyehelo tsohle tse tsokwang+ tsa Baiseraele. Ke di file wena le bara ba hao le baradi ba hao e le kabelo eo le tla dula le e fumana.+ E mong le e mong ya hlwekileng ka tlung ya hao a ka di ja.+
26 “O re ho Balevi, ‘Baiseraele ba tla le fa karolo ya leshome eo ke le fileng yona bakeng sa lefa la lona+ mme ho tswa karolong eo ya leshome le lokela ho nehela karolo ya leshome e le monehelo ho Jehova.+