Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Levitike 7:34
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 34 Mahlabelong a kopanetsweng a Baiseraele, ke nka sefuba sa nyehelo e tsokwang le leoto la karolo e halalelang mme ke di fa moprista Arone le bara ba hae. Ke molao o tla dula o le teng bakeng sa Baiseraele.+

  • Levitike 10:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Lona le bara le baradi ba lona+ le je sefuba sa nyehelo e tsokwang le leoto la karolo e halalelang+ sebakeng se hlwekileng hobane dintho tsena di fanwe e le kabelo ya lona le ya bara ba lona mahlabelong a kopanetsweng a Baiseraele.

  • Numere 18:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 9 Ho dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa tse tjheswang ka mollo, tsena e tla ba tsa hao: Dinyehelo tsohle tseo ba di etsang, ho akarelletsa le dinyehelo tsa bona tsa dijo*+ le dinyehelo tsa bona tsa sebe+ le dinyehelo tsa bona tsa molato+ tseo ba tla di tlisa ho nna. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa bakeng sa hao le bakeng sa bara ba hao.

  • Deuteronoma 18:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 4 Le mo fe dihlahiswa tsa pele tsa dijo tsa lona tse kotutsweng, tsa veine ya lona e ntjha, tsa oli ya lona le boya bo kutilweng pele mohlapeng wa lona wa dinku le dipodi.+

  • 1 Bakorinthe 9:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Na ha le tsebe hore banna ba sebetsang tempeleng ba ja dintho tseo batho ba di tlisang tempeleng le hore ba sebetsang aletareng ba fumana karolo ya dintho tse nyehelwang aletareng?+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela