-
Levitike 3:3-5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
3 A hlahise ho Jehova karolo e nngwe ya sehlabelo se kopanetsweng e le nyehelo e tjheswang ka mollo+ e leng mafura+ a kwahelang mala, mafura ohle a potolohileng mala, 4 diphio tse pedi le mafura ohle a di potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le diphiong.+ 5 Bara ba Arone ba etse hore e kubelle aletareng hodima nyehelo ya setjheso e hodima patsi e mollong.+ Ke nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.*+
-