-
Joshua 12:4-6Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
4 Le naha ya Morena Oge+ wa Bashane, eo e neng e le wa ho qetela ho Barefaime+ le ya neng a dula Ashtarothe le Edrei 5 mme a busa Thabeng ya Hermone le Salka le Bashane yohle,+ ho ya fihla moeding wa Bageshure le Bamakathe+ le halofo ya Gileade, ho ya naheng ya Morena Sihone wa Heshbone.+
6 Moshe mohlanka wa Jehova le Baiseraele ba ile ba hlola marena ana+ yaba ka mora moo Moshe mohlanka wa Jehova o fana ka naha ya ona e le lefa ho Barubene, Bagade le ho halofo ya leloko la Manase.+
-