-
Numere 21:23, 24Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
23 Empa Sihone ha a ka a dumella Baiseraele hore ba fete naheng ya hae. Ho ena le hoo, Sihone o ile a bokella batho bohle ba hae mme a tswa ho ya lwantsha Baiseraele lefeelleng mme a fihla Jahaze yaba o qala ho lwana le Baiseraele.+ 24 Empa Baiseraele ba ile ba mo hlola ka sabole+ mme ba hapa naha+ ya hae ho tloha Arnone+ ho ya Jaboke,+ haufi le Baamone hobane Jazere+ ke moedi wa naha ya Baamone.+
-
-
Numere 21:33-35Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
33 Ka mora moo, ba tsamaya ka Tsela ya Bashane. Oge+ morena wa Bashane a tswa le batho bohle ba hae ho ya ba lwantsha motseng wa Edrei.+ 34 Jehova a re ho Moshe: “O se ke wa mo tshaba+ hobane ke tla fana ka yena le batho bohle ba hae le naha ya hae letsohong la hao+ mme o tla mo etsa seo o neng o se etse Sihone morena wa Baamore, ya neng a dula Heshbone.”+ 35 Ka hoo, ba nna ba mo lwantsha ha mmoho le bara ba hae le batho bohle ba hae, ho fihlela batho bohle ba hae ba shwele+ yaba ba hapa naha ya hae.+
-