-
Numere 27:13, 14Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
13 Ha o e bone, le wena o tla shwa*+ feela jwalo ka ha abuti wa hao Arone a ile a shwa+ 14 hobane ha setjhaba se ne se qabana le nna lefeelleng la Zine, ha le a ka la mamela taelo ya ka. Ha le a ka la nkgalaletsa ka pela setjhaba ha ke ne ke se fa metsi.+ Ana ke metsi a Meriba+ Kadeshe+ lefeelleng la Zine.”+
-
-
Deuteronoma 34:4, 5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
4 Yaba Jehova o re ho yena: “Ena ke naha eo ke e hlapanyeditseng Abrahama, Isaka le Jakobo ka re, ‘Ke tla e fa ditloholo* tsa hao.’+ Ke o dumelletse hore o e bone empa o ke ke wa tshelela ho yona.”+
5 Ka mora moo, Moshe mohlanka wa Jehova a shwella moo naheng ya Moabe feela jwalo ka ha Jehova a buile.+
-