LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 3
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Deuteronoma

      • Morena Oge wa Bashane o a hlolwa (1-7)

      • Ho arolwa naha e ka botjhabela ho Jordane (8-20)

      • Joshua o bolellwa hore a se ke a tshoha (21, 22)

      • Moshe ha a dumellwe ho kena naheng (23-29)

Deuteronoma 3:1

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 21:33-35

Deuteronoma 3:4

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 32:33; De 29:7, 8; Jos 13:29, 30

Deuteronoma 3:6

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 27:29
  • +Le 18:25

Deuteronoma 3:8

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “Phuleng ya Arnone.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 32:33
  • +Jos 12:1, 2

Deuteronoma 3:10

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “sehlabeng.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 21:33

Deuteronoma 3:11

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “Mojaro wa hae wa bafu.”

  • *

    Kapa mohlomong: “lejwe le letsho.”

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse robong.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Ka Seheberu: “ditswe tse nne.”

Deuteronoma 3:12

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “Phula ya Arnone.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 32:34
  • +Nu 32:33

Deuteronoma 3:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 32:39; Jos 13:29-31; 1Kr 5:23

Deuteronoma 3:14

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    E bolelang “Metsana ya ditente ya Jaire.”

Mangolo a Dithupiso

  • +1Kr 2:22
  • +De 3:4
  • +Jos 13:13
  • +Nu 32:40, 41

Deuteronoma 3:15

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 32:39; Jos 17:1

Deuteronoma 3:16

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “Phuleng ya Arnone.”

  • *

    Sheba Ntlha ya B4 le B6.

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 32:33; Jos 22:9

Deuteronoma 3:17

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    E leng Lewatle le Shweleng.

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 34:11, 12

Deuteronoma 3:18

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 32:20-22

Deuteronoma 3:20

Mangolo a Dithupiso

  • +Jos 1:14, 15; 22:4, 8

Deuteronoma 3:21

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 11:28; 14:30; 27:18
  • +Jos 10:25

Deuteronoma 3:22

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 14:14; 15:3; De 1:30; 20:4; Jos 10:42

Deuteronoma 3:24

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 15:16; De 11:2
  • +Ex 15:11; 2Sa 7:22; 1Ma 8:23; Pes. 86:8; Jer 10:6, 7

Deuteronoma 3:25

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 3:8; De 1:7; 11:11, 12

Deuteronoma 3:26

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 20:12; 27:13, 14; De 4:21; Pes. 106:32

Deuteronoma 3:27

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 27:12
  • +De 34:1, 4

Deuteronoma 3:28

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 27:18-20; De 1:38; 31:7
  • +Jos 1:1, 2

Deuteronoma 3:29

Mangolo a Dithupiso

  • +De 4:45, 46; 34:5, 6

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Deut. 3:1Nu 21:33-35
Deut. 3:4Nu 32:33; De 29:7, 8; Jos 13:29, 30
Deut. 3:6Le 27:29
Deut. 3:6Le 18:25
Deut. 3:8Nu 32:33
Deut. 3:8Jos 12:1, 2
Deut. 3:10Nu 21:33
Deut. 3:12Nu 32:34
Deut. 3:12Nu 32:33
Deut. 3:13Nu 32:39; Jos 13:29-31; 1Kr 5:23
Deut. 3:141Kr 2:22
Deut. 3:14De 3:4
Deut. 3:14Jos 13:13
Deut. 3:14Nu 32:40, 41
Deut. 3:15Nu 32:39; Jos 17:1
Deut. 3:16Nu 32:33; Jos 22:9
Deut. 3:17Nu 34:11, 12
Deut. 3:18Nu 32:20-22
Deut. 3:20Jos 1:14, 15; 22:4, 8
Deut. 3:21Nu 11:28; 14:30; 27:18
Deut. 3:21Jos 10:25
Deut. 3:22Ex 14:14; 15:3; De 1:30; 20:4; Jos 10:42
Deut. 3:24Ex 15:16; De 11:2
Deut. 3:24Ex 15:11; 2Sa 7:22; 1Ma 8:23; Pes. 86:8; Jer 10:6, 7
Deut. 3:25Ex 3:8; De 1:7; 11:11, 12
Deut. 3:26Nu 20:12; 27:13, 14; De 4:21; Pes. 106:32
Deut. 3:27Nu 27:12
Deut. 3:27De 34:1, 4
Deut. 3:28Nu 27:18-20; De 1:38; 31:7
Deut. 3:28Jos 1:1, 2
Deut. 3:29De 4:45, 46; 34:5, 6
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Deuteronoma 3:1-29

Deuteronoma

3 Jwale ra nka tsela e nngwe mme ra nyoloha ka Tsela ya Bashane. Oge morena wa Bashane a tswa le batho ba hae ho tla re lwantsha Edrei.+ 2 Ka hoo, Jehova a re ho nna, ‘O se ke wa mo tshaba hobane ke tla nehelana ka yena le batho ba hae le naha ya hae letsohong la hao mme o tla mo etsa seo o ileng wa se etsa ho Sihone morena wa Baamore ya neng a dula Heshbone.’ 3 Ka hoo, Jehova Modimo wa rona a nehelana le ka Morena Oge wa Bashane le batho bohle ba hae matsohong a rona mme ra nna ra mo lwantsha ho fihlela batho bohle ba hae ba shwele. 4 Yaba re hapa metse yohle ya hae. Ha ho na motse oo re sa kang ra o nka ho bona. Re nkile metse e 60 sebakeng sohle sa Argobe e leng mmuso wa Oge o Bashane.+ 5 Metse ena kaofela e ne e sireleditswe ka marako, dikeiti le mekwallo. Re ile ra boela ra nka le metse e mengata e menyenyane. 6 Le ha ho le jwalo, ra e fedisa+ feela jwalo ka ha re ne re entse ho Morena Sihone wa Heshbone, ka ho fedisa motse o mong le o mong ho akarelletsa banna, basadi le bana.+ 7 Ra inkela le mehlape yohle le dintho tseo re di hapileng metseng eo.

8 Ka nako eo, re ile ra nka naha ya marena a mabedi a Baamore+ a neng a le sebakeng sa Jordane, ho tloha Kgohlong ya Arnone* ho ya fihla Thabeng ya Hermone+ 9 (thaba eo Basidone ba neng ba e bitsa Sirione mme Baamore ba e bitsa Senire), 10 metse yohle e sebakeng se phahameng,* Gileade yohle le Bashane yohle ho ya fihla Salka le Edrei+ e leng metse ya mmuso wa Oge o Bashane. 11 Morena Oge wa Bashane e ne e le wa ho qetela wa ba setseng ho Barefaime. Lekase* la hae le ne le entswe ka tshepe.* Le ntse le le Raba motseng wa Baamone. Le ne le le bolelele ba dimithara tse nne* mme le le bophara ba dimithara tse ka bang pedi* ho latela tekanyo e behilweng. 12 Ka nako eo, re ile ra nka naha ena: Ho tloha Aroere+ e pela Kgohlo ya Arnone* le halofo ya sebaka se dithaba sa Gileade mme metse ya yona ke e file Barubene le Bagade.+ 13 Karolo e nngwe kaofela ya Gileade le Bashane yohle ya mmuso wa Oge ke e file halofo ya leloko la Manase.+ Sebaka sohle sa Argobe e leng sa Bashane, se ne se tsejwa e le naha ya Barefaime.

14 Jaire+ mora wa Manase a nka sebaka sohle sa Argobe+ ho ya fihla moeding wa Bageshure le Bamakathe+ mme a rehella metsana eo ya Bashane ka yena. E ntse e bitswa Havothe-jaire*+ ho fihlela letsatsing lena. 15 Ke ile ka fa Makire Gileade.+ 16 Yaba ke fa Barubene le Bagade+ ho tloha Gileade ho ya Kgohlong ya Arnone.* Bohareng ba kgohlo ke moedi* le ho ya fihla Jaboke, e leng kgohlo eo e leng moedi wa Baamone. 17 Ka ba fa le Araba le Jordane le moedi wa yona ho tloha Kinerethe ho ya Lewatleng la Araba e leng Lewatle la Letswai,* qalong ya moepa wa Pisga ka botjhabela.+

18 Yaba ke le fa taelo ena: ‘Jehova Modimo wa lona o le file naha ena hore e be ya lona. Banna bohle ba lona ba sebete ba tla nka dihlomo mme ba tshele pele ho bana ba bo lona e leng Baiseraele.+ 19 Ke feela basadi ba lona, bana ba lona le mehlape ya lona (ke tseba hantle hore le na le mehlape e mengata) ba tlang ho tswela pele ba dula metseng eo ke le fileng yona 20 ho fihlela Jehova a fa bana ba bo lona phomolo jwalo ka ha a le file mme le bona ba nkile naha eo Jehova Modimo wa lona a tla ba fa yona ka nqane ho Jordane. Ka mora moo, e mong le e mong o tla kgutlela lefeng la hae leo ke le fileng lona.’+

21 Ka nako eo ka fa Joshua+ taelo ena: ‘O bone ka mahlo hore na Jehova Modimo wa lona o entseng ho marena ana a mabedi. Jehova o tla etsa se tshwanang ka mebuso yohle eo le tla feta ho yona.+ 22 Le se ke la ba tshaba hobane Jehova Modimo wa lona ke yena ya le lwanelang.’+

23 Ka nako eo ka kopa Jehova ka re, 24 ‘Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, o qadile ho bontsha mohlanka wa hao boholo ba hao le letsoho la hao le matla,+ ke modimo ofe ya mahodimong kapa lefatsheng ya etsang diketso tse matla jwalo ka wena?+ 25 Ke kopa o ntumelle hore ke tshele mme ke bone naha e ntle e ka nqane ho Jordane, sebaka sena se setle se dithaba le Lebanone.’+ 26 Empa Jehova o ne a ntse a nkgalefetse ka lebaka la lona+ mme o ne a ke ke a mmamela. Ho ena le hoo, Jehova a re ho nna, ‘Ho lekane! O se ke wa hlola o bua le nna hape ka taba ena. 27 Nyolohela ka hodima Pisga,+ o shebe ka bophirimela, ka leboya, ka borwa le ka botjhabela mme o bone naha ka mahlo a hao ka ha o ke ke wa tshela Jordane+ ena. 28 Kgetha Joshua+ hore e be moetapele, o mo kgothatse mme o mo matlafatse hobane ke yena ya tla etella setjhaba sena pele+ hore se kene naheng eo o tla e bona.’ 29 Dintho tsena tsohle di etsahetse ha re ne re dula kgohlong e ka pela Bethe-peore.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share