Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Deuteronoma 28:15
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Empa haeba le sa mamele lentswe la Jehova Modimo wa lona ka hore le phethe ditaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, dikotlo tsena tsohle di tla le tlela mme dintho tsena tsohle tse mpe di tla le hlahela:+

  • Deuteronoma 28:36
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 36 Lona ha mmoho le morena eo le mo kgethileng, Jehova o tla le lelekela setjhabeng seo lona le baholoholo ba lona le sa kang la se tseba+ mme moo le tla sebeletsa medimo e meng e leng medimo e entsweng ka patsi le lejwe.+

  • Jeremia 16:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Ka hoo, ke tla le ntsha naheng ena ke le lahlele naheng eo lona ha mmoho le baholoholo ba lona le sa kang la e tseba.+ Le tla sebeletsa medimo e meng moo bosiu le motshehare+ hobane nke ke ka le hauhela.”’

  • Ezekiele 20:39
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 39 Lona Baiseraele, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Tsamayang le yo rapela ditshwantsho tsa lona tse nyonyehang.+ Empa ka mora moo haeba le ntse le sa mmamele, le ke ke la hlola le kgona ho silafatsa lebitso la ka ka mahlabelo a lona le ka ditshwantsho tsa lona tse rapelwang tse nyonyehang.’+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela