-
Numere 21:21-24Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
21 Baiseraele ba romela baromuwa ho Sihone, morena wa Baamore ba re:+ 22 “Re dumelle hore re fete naheng ya hao. Re ke ke ra kgelohela tshimong kapa serapeng sa morara. Re ke ke ra nwa metsi a sediba le ha e le sefe. Re tla tsamaya Tseleng ya Morena* ho fihlela re fetile naheng ya hao.”+ 23 Empa Sihone ha a ka a dumella Baiseraele hore ba fete naheng ya hae. Ho ena le hoo, Sihone o ile a bokella batho bohle ba hae mme a tswa ho ya lwantsha Baiseraele lefeelleng mme a fihla Jahaze yaba o qala ho lwana le Baiseraele.+ 24 Empa Baiseraele ba ile ba mo hlola ka sabole+ mme ba hapa naha+ ya hae ho tloha Arnone+ ho ya Jaboke,+ haufi le Baamone hobane Jazere+ ke moedi wa naha ya Baamone.+
-
-
Deuteronoma 2:32-34Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
32 Ha Sihone a tswa le setjhaba sohle sa hae ho re kgahlanyetsa ka ntwa Jahaze,+ 33 Jehova Modimo wa rona a nehelana ka yena ho rona mme re ile ra mo hlola, ra hlola le bara ba hae le setjhaba sohle sa hae. 34 Re ile ra hapa metse yohle ya hae ka yona nako eo mme ra fedisa motse o mong le o mong ho akarelletsa le banna, basadi le bana. Ha ho na motho ya ileng a pholoha.+
-