20 Jehova a re ho Arone: “O ke ke wa ba le lefa naheng ya bona mme ha ho karolo ya naha ya bona eo e tla ba ya hao.+ Ke nna karolo ya hao le lefa la hao hara Baiseraele.+
9 Ke ka lebaka leo Levi a sa fuwang kabelo kapa lefa jwalo ka bana babo. Jehova ke lefa la hae feela jwalo ka ha Jehova Modimo wa lona a ne a mo boleletse.+
12 Le tla thaba ka pela Jehova Modimo wa lona,+ lona le bara ba lona, baradi ba lona, makgoba a lona a banna le a basadi le Balevi ba ka hara metse* ya lona hobane ha ba a fuwa karolo kapa lefa ha mmoho le lona.+