LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Numere 32:20-22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 20 Moshe a re ho bona: “Haeba le tla nka dihlomo bakeng sa ntwa feela jwalo ka ha Jehova a boletse+ 21 mme haeba kaofela ha lona le nka dihlomo mme le tshela Jordane ka pela Jehova ha a leleka dira tsa hae ka pela hae+ 22 ho fihlela naha e hlolwa ka pela Jehova,+ ka mora moo le ka nna la kgutla+ mme le tla hloka molato ka pela Jehova le Iseraele. Jwale naha ena e tla ba ya lona ka pela Jehova.+

  • Numere 32:25-29
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 25 Bara ba Gade le bara ba Rubene ba re ho Moshe: “Rona bahlanka ba hao re tla etsa feela jwalo ka ha o re laela morena wa rona. 26 Bana ba rona, basadi ba rona, mehlape ya rona le diphoofolo tsohle tsa rona di tla sala metseng ya Gileade.+ 27 Bahlanka ba hao ba tla tshela, banna bohle ba hlometseng bakeng sa ntwa ka pela Jehova+ feela jwalo ka ha o re bolella morena wa rona.”

      28 Ka hoo, Moshe a fana ka taelo mabapi le bona ho moprista Eleazare, ho Joshua mora wa Nune le ho baetapele ba malapa a Iseraele. 29 Moshe a re ho bona: “Haeba banna bohle ba hlometseng bakeng sa ntwa ka pela Jehova ba leloko la Gade le la Rubene ba ka tshela Jordane le lona yaba le hapa naha, le ba fe naha ya Gileade hore e be ya bona.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share