-
Deuteronoma 3:19, 20Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
19 Ke feela basadi ba lona, bana ba lona le mehlape ya lona (ke tseba hantle hore le na le mehlape e mengata) ba tlang ho tswela pele ba dula metseng eo ke le fileng yona 20 ho fihlela Jehova a fa bana ba bo lona phomolo jwalo ka ha a le file mme le bona ba nkile naha eo Jehova Modimo wa lona a tla ba fa yona ka nqane ho Jordane. Ka mora moo, e mong le e mong o tla kgutlela lefeng la hae leo ke le fileng lona.’+
-
-
Joshua 1:14, 15Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
14 Basadi, bana le diphoofolo tsa lona di tla dula naheng eo Moshe a le fileng yona ka lehlakoreng lena* la Jordane.+ Empa lona banna bohle ba matla+ le lokela ho tshela le hlophisehile jwalo ka lebotho la ntwa ka pela bana ba bo lona.+ Le thuse bana ba bo lona 15 ho fihlela Jehova a etsa hore ba dule ba sireletsehile jwalo ka lona, ho fihlela le bona ba fumane naha eo Jehova Modimo wa lona a ba fang yona. Ka mora moo, le tla kgutlela naheng eo le e fuweng e leng naha eo Moshe mohlanka wa Jehova a le fileng yona ka lehlakoreng le ka botjhabela la Jordane.’”+
-