-
2 Samuele 17:27-29Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
27 Hang ha Davida a fihla Mahanaime, Shobi mora wa Nahashe ya tswang Raba+ ya Baamone, Makire+ mora wa Amiele ya tswang Lo-debare le Barzilai+ wa Mogileade ya tswang Rogdime 28 ba tlisa dibethe, dikotlolo, dijana tsa letsopa, koro, harese, phofo, koro* e hadikilweng, dinawa tse sephara, lensisi, koro* e omisitsweng, 29 mahe a dinotshi, botoro, dinku le tjhisi. Ba tlisetsa Davida le batho dintho tsena tsohle hore ba je+ hobane ba ile ba re: “Batho ba lapile, ba kgathetse ebile ba nyorilwe lefeelleng.”+
-