23 Ha Akitofele a bona hore keletso ya hae ha e a sebediswa, a palama tonki mme a ya ntlong ya hae motseng wa habo.+ Ka mora hore a fe ba lelapa la hae ditaelo,+ a iphanyeha.*+ Ka hoo, a shwa mme a patelwa moo baholoholo ba hae ba patetsweng teng.
14 Yaba Joabe o re: “Ere ke tlohele ho itshenyetsa nako ka wena!” A nka metsu* e meraro, a e hlabella pelong ya Absalome a ntse a phela a leketlile sefateng se seholo.
3 Jwale ha Judase ya mo rekisitseng* a bona hore Jesu o ne a ahlotswe, a itshwabela yaba o kgutlisetsa dikotwana tsa silevera tse 30 ho baholo le baprista ba baholo a re:+
16 “Bana beso, boprofeta ba lengolo leo moya o halalelang o ileng wa susumetsa Davida hore a bo bolele bo ne bo lokela ho phethahala. Ke boprofeta bo buang ka Judase+ ya ileng a tataisa batho ba ileng ba tshwara Jesu.+
18 (Monna enwa o ile a reka tshimo ka moputso wa bokgopo.+ O ile a tabana fatshe ka hlooho, mpa ya hae ya phatloha yaba mala a hae kaofela a a qhalana.+