-
Mareka 11:15-17Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
15 Ha ba fihla Jerusalema, Jesu a kena ka tempeleng a tebela bohle ba rekisang le ba rekang ka tempeleng. A phethola le ditafole tsa ba tjhentjhang tjhelete* le dibentjhe tsa ba rekisang maeba.+ 16 O ne a thibela batho ho paroletsa le tempeleng ba nkile thepa. 17 O ile a ruta batho a re ho bona: “Mangolo a re: ‘Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo bakeng sa ditjhaba tsohle’+ empa lona le e entse lehaha la mashodu.”+
-
-
Johanne 2:13-17Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
13 Paseka+ ya Bajuda e ne e le haufi yaba Jesu o nyolohela Jerusalema. 14 Ha a fihla ka tempeleng a fumana batho ba rekisa dikgomo, dinku le maeba.+ Ba tjhentjhang ditjhelete* le bona ba ne ba dutse ditulong. 15 A etsa sephadi sa diropo, a lelekela bohle ba nang le dinku le dikgomo ka ntle ho tempele, a qhala ditjhelete tsa tshepe tsa ba tjhentjhang ditjhelete le ho phethola ditafole tsa bona.+ 16 Yaba o re ho ba rekisang maeba: “Tlosang dintho tsena mona! Tlohelang ho etsa ntlo ya Ntate ntlo ya kgwebo!”+ 17 Barutuwa ba hae ba hopola hore mangolo a re: “Tjheseho ya ka bakeng sa ntlo ya hao e tla tuka.”+
-