Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Exoda 23:31
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 31 Ke tla beha moedi wa lona ho tloha Lewatleng le Lefubedu ho ya lewatleng la Bafilista le ho tloha lefeelleng ho ya Nokeng*+ hobane ke tla etsa hore le hlole ditjhaba tseo mme le tla di leleka ka pela lona.+

  • 1 Marena 4:21
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 Solomone o ne a laola mebuso yohle ho tloha Nokeng*+ ho ya naheng ya Bafilista le ho ya fihla moeding wa Egepeta. Mebuso eo e ne e patala lekgetho* mme e ile ya sebeletsa Solomone bophelo bohle ba hae.+

  • Pesaleme 2:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  8 Nkope mme ke tla o fa ditjhaba hore e be lefa la hao

      Le lefatshe lohle hore e be la hao.+

  • Pesaleme 22:27, 28
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 27 Batho lefatsheng lohle ba tla hopola Jehova ba be ba kgutlele ho yena.

      Malapa ohle a ditjhaba a tla kgumama ka pela hao.+

      28 Borena ke ba Jehova.+

      O busa ditjhaba.

  • Daniele 2:35
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 35 Ka nako eo, tshepe, letsopa, koporo, silevera le kgauta, tsa silakanngwa kaofela mme tsa eba jwalo ka mmoko o tswang seotlong sa lehlabula. Moya wa di fefola kaofela mme ha ho a ka ha sala letho. Empa lejwe le ileng la otla setshwantsho la fetoha thaba e kgolo mme la tlala lefatshe lohle.

  • Zakaria 9:10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Ke tla nkela Efraime kariki ya hae ya ntwa,

      Ke nkele Jerusalema pere ya hae.

      Ho ke ke ha hlola ho eba le seqha sa ntwa.

      Morena wa hao o tla phatlalatsa kgotso ditjhabeng.+

      O tla busa ho tloha lewatleng le leng ho ya ho le leng

      Le ho tloha Nokeng* ho ya dikarolong tse hole tsa lefatshe.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela