LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Joshua 7:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 9 Ha Bakanana le baahi bohle ba naha ena ba utlwela ka taba ena ba tla re potapota mme ba fedise lebitso la rona lefatsheng. Jwale o tla etsang ho sireletsa lebitso la hao le leholo?”+

  • 1 Samuele 12:22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 22 Jehova a ke ke a lahla batho ba hae+ ka lebaka la lebitso la hae le leholo+ hobane Jehova o kgethile ho le etsa setjhaba sa hae.+

  • 2 Dikronike 14:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Asa a kopa thuso ho Jehova Modimo wa hae+ a re: “Jehova, o thusa batho ho sa tsotellehe hore na ba bangata kapa ba a fokola.+ Re thuse Jehova Modimo wa rona hobane re tshepetse ho* wena+ mme re tlile ho tla lwantsha masole ana a mangata ka lebitso la hao.+ Jehova, o Modimo wa rona. O se ke wa dumella motho hore a o hlole.”+

  • Pesaleme 115:1, 2
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 115 Ha re tshwanelwe ke letho Jehova, ho hang ha re tshwanelwe ke letho.

      Empa lebitso la hao le lokela ho tlotliswa+

      Hobane o lerato ebile o a tshepahala.+

       2 Ke hobaneng ha ditjhaba di re:

      “Modimo wa bona o hokae?”+

  • Esaia 48:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  9 Empa molemong wa lebitso la ka, ke tla kokobetsa bohale ba ka,+

      Ka lebaka la thoriso ya ka ke tla ithiba,

      Nke ke ka o fedisa.+

  • Jeremia 14:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  7 Le hoja diphoso tsa rona di paka hore re molato,

      Jehova, re thuse molemong wa lebitso la hao+

      Hobane re hlolehile ho o tshepahalla ka makgetlo a mangata,+

      Re o sitetswe.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share