LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Pesaleme 31:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  3 O lefika la ka le sebaka sa ka se sireletsehileng.+

      O tla nketella pele o be o ntataise+ ka lebaka la lebitso la hao.+

  • Pesaleme 79:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  9 Re thuse, Modimo wa rona ya re pholosang,+

      Ka lebaka la lebitso la hao le kganyang.

      Re pholose mme o tshwarele* dibe tsa rona ka lebaka la lebitso la hao.+

  • Pesaleme 109:21
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 21 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle,

      Nthuse e le hore lebitso la hao le tlotliswe.+

      Mpholose hobane o lerato* haholo.+

  • Pesaleme 143:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Jehova, mpholose hore lebitso la hao le tle le roriswe.

      Mpholose matshwenyehong hobane o lokile.+

  • Ezekiele 36:22
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 22 Bolella Baiseraele hore Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Lona Baiseraele, ha ke etse dintho tsena ka lebaka la lona empa ka lebaka la lebitso la ka le halalelang leo le le silafaditseng hara ditjhaba tseo le neng le le ho tsona.’+

  • Daniele 9:19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 Re mamele hle Jehova. Jehova re tshwarele.+ Re utlwe hle Jehova. Modimo wa ka, o se ke wa dieha molemong wa lebitso la hao hobane motse wa hao le batho ba hao ba bitswa ka lebitso la hao.”+

  • Matheu 6:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 9 Lona le rapele tjena:+

      ‘Ntate wa rona ya mahodimong, lebitso la hao+ le halaletswe.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share