9 Motjha, o thabe ha o sa le motjha mme pelo ya hao e thabe matsatsing a botjha ba hao. O latele thato ya pelo ya hao mme o ye moo mahlo a hao a o lebisang teng. Empa tseba hore Modimo wa nnete o tla o ahlola* ka lebaka la dintho tsena tsohle.+
36 Ke a le bolella hore ka Letsatsi la Kahlolo batho ba tla ikarabella+ bakeng sa ntho e nngwe le e nngwe e se nang thuso eo ba e buang. 37 Haeba o bua dintho tse ntle, Modimo o tla o nka o lokile empa haeba o bua dintho tse mpe o tla o nka o le molato.”
31 hobane o behile letsatsi leo ka lona a tla ahlola+ lefatshe ka toka a sebedisa monna eo a mo kgethileng. O ile a tsosa monna eo bafung mme ka ho etsa jwalo a kgodisa batho bohle hore letsatsi leo le tla fihla.”+
10 Kaofela ha rona re tla ema ka pela setulo sa Kreste sa kahlolo e le hore e mong le e mong a fuwe moputso ho ya ka dintho tseo a ileng a di etsa ha a sa ntse a ena le mmele ebang di ne di le ntle kapa di le mpe.+