-
Moeklesia 2:4-8Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
4 Ke entse mesebetsi e meholo.+ Ke ile ka ikahela matlo,+ ka itemela dirapa tsa morara.+ 5 Ka iketsetsa dirapa tse kgolo le tse nyenyane mme ho tsona ka lema difate tsa ditholwana tsa mefuta yohle. 6 Ka iketsetsa matamo a metsi e le hore ke nosetse moru wa difate tse tlokomang. 7 Ka ba le basebetsi+ ba banna le ba basadi mme ka ba le basebetsi ba hlahetseng ha ka.* Ka boela ka rua diphoofolo tse ngata: Dikgomo le mohlape wa dinku le dipodi+ tse ngata ho feta tsa bohle ba bileng teng pele ho nna Jerusalema. 8 Ka ipokellela silevera le kgauta,+ matlotlo a tshwanetseng* marena le diprofinse.+ Ka ipatlela dibini tsa banna le tsa basadi le ntho e thabisang banna haholo e leng basadi ba bangata.
-