LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Samuele 7:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Ere ho mohlanka wa ka Davida, ‘Jehova wa mabotho o re: “Ke o nkile naheng moo o neng o disa mohlape,+ ka o etsa moetapele wa setjhaba sa ka sa Iseraele.+

  • 2 Samuele 7:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Ntlo ya hao le mmuso wa hao di tla busa ka ho sa feleng le terone ya hao e tla tiiswa ka ho sa feleng.”’”+

  • 2 Samuele 23:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  5 Na ntlo ya ka ha e jwalo ka pela Modimo?

      O entse selekane sa ka ho sa feleng le nna,+

      Se hlophisitsweng hantle nthong e nngwe le e nngwe le se ke keng sa fetoha.

      Se bolela poloko yohle ya ka le thabo yohle ya ka,

      Na ha se lona lebaka leo a tla etsa hore se atlehe?+

  • Pesaleme 89:28, 29
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 28 Ke tla mo rata ka ho sa feleng,+

      Selekane sa ka le yena se ke ke sa fela.+

      29 Ke tla etsa hore ditloholo* tsa hae di dule di le teng ka ho sa feleng

      Le mmuso wa hae o dule o le teng jwalo ka mahodimo.+

  • Jeremia 33:25, 26
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 25 Jehova o re: ‘Feela jwalo ka ha ke entse selekane sa ka mabapi le bosiu le motshehare+ le melao* ya lehodimo le lefatshe,+ 26 ka ho tshwanang le ka mohla nke ke ka lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa mohlanka wa ka Davida yaba ha ke kgethe marena a tla busa bana ba Abrahama, Isaka le Jakobo hara ditloholo tsa hae. Ke tla bokella batho ba bona ba hapuweng+ mme ke tla ba hauhela.’”+

  • Diketso 13:34
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 34 Modimo o ile a mo tsosa a se a ke ke a kgutlela mmeleng o ka bolang. A tiisa hore taba ena ke nnete ha a re: ‘Ke tla le fa lerato la sebele* leo ke le tshepisitseng Davida. Tshepiso ena e tla phethahala.’*+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share