-
Luka 1:30-35Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
30 Lengeloi leo la re ho yena: “Maria, o se ke wa tshoha hobane Modimo o o hauhetse. 31 O tla ima, o tswale mora+ ebe o mo reha Jesu.+ 32 O tla ba matla,+ a bitswe Mora wa Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa.+ Jehova* o tla mo fa terone ya ntate wa hae Davida,+ 33 puso ya hae e ke ke ya fela+ mme e tla ba morena wa bana ba Jakobo ka ho sa feleng.”
34 Empa Maria a re ho lengeloi leo: “Ke tla ba le ngwana jwang ke eso robale le monna?”+ 35 Lengeloi leo la mo araba la re: “Moya o halalelang o tla ba hodima hao,+ matla a Ya Phahameng ka ho Fetisisa a o sireletse. Ka hoo, ngwana eo e tla ba ya halalelang,+ a bitswe Mora wa Modimo.+
-