LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Samuele 7:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Ere ho mohlanka wa ka Davida, ‘Jehova wa mabotho o re: “Ke o nkile naheng moo o neng o disa mohlape,+ ka o etsa moetapele wa setjhaba sa ka sa Iseraele.+

  • 2 Samuele 7:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Ha o shwa+ mme o patwa le baholoholo ba hao, ke tla etsa hore ngwana* wa hao, mora wa hao* e be morena ya o hlahlamang mme ke tla tiisa mmuso wa hae.+

  • Pesaleme 132:11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Jehova o hlapanyeditse Davida.

      A ke ke a kwenehela seo a se buileng, ha a ne a re:

      “Ke tla beha e mong wa ditloholo tsa hao

      Teroneng ya hao.+

  • Esaia 9:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  7 Puso* ya hae e ke ke ya kgaotsa ho hola

      Le kgotso e tla ba teng ka ho sa feleng+

      Teroneng ya Davida+ le mmusong wa hae.

      E tla tsitsiswa+ le ho tshehetswa

      Ka toka+ le ka ho loka,+

      Ho tloha hona jwale ho ya ho ile.

      Jehova wa mabotho o tla etsa sena ka tjheseho.

  • Esaia 11:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Ho tla hlaha lekala+ kutung ya Jese,+

      Lehlomela+ le tswang metsong ya hae le tla beha ditholwana.

  • Esaia 11:10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Letsatsing leo, e mong ya tswang lelapeng la Jese*+ o tla ema e le pontsho* bakeng sa ditjhaba.+

      Ditjhaba di tla batla tataiso ho yena*+

      Mme ho tla kganya moo a dulang.*

  • Jeremia 23:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Jehova o re: “Ho na le mohla ke tla hlahisetsa Davida mojalefa* ya lokileng.+ E tla ba morena+ mme a sebetse ka bohlale, a phethise toka le ho loka lefatsheng.*+

  • Matheu 1:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 1 Buka ya histori* ya Jesu Kreste* mora wa Davida.+ Davida o tswa lelapeng la Abrahama:+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share