Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Deuteronoma 30:1-3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 30 Ha mantswe ana ohle a phethahala ho lona e leng tlhohonolofatso le bomadimabe tseo ke di behileng ka pela lona+ mme le ikgopotsa*+ ona le le hara ditjhaba tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le hasantseng ho tsona+ 2 mme le kgutlela ho Jehova Modimo wa lona+ ebile lona le bara ba lona le mamela lentswe la hae ho ya ka sohle seo ke le laelang sona kajeno, ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle,+ 3 Jehova Modimo wa lona o tla le lata botlamuweng+ a le bontshe mohau+ mme a boele a le bokelle ho tswa ditjhabeng tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le hasantseng ho tsona.+

  • Esaia 11:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Ho tla ba le tsela e kgolo bakeng sa batho+ ba hae ba setseng Asiria hore ba tswe+

      Feela jwalo ka ha e ile ya eba teng mohla Iseraele e neng e tswa naheng ya Egepeta.

  • Esaia 43:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  6 Ke tla re ho leboya, ‘Fana ka bona!’+

      Le ho borwa, ‘O se ke wa hana ka bona.

      Tlisa bara ba ka ho tswa hole le baradi ba ka ho tswa dikgutlong tsohle tsa lefatshe,+

  • Esaia 60:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  4 Phahamisa mahlo mme o shebe hohle ho o potoloha.

      Bara ba hao ba ntse ba tla ba tswa hole+

      Le baradi ba hao ba pepilweng.

      Kaofela ha bona ba phuthehile, ba tla ho wena.+

  • Esaia 60:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  9 Baahi ba dihlekehleke ba tla ntshepa+

      Le dikepe tsa Tarshishe di ka pele*

      Hore di tlise bana ba hao ba tswang hole+

      Ha mmoho le silevera le kgauta ya bona

      E le hore ba rorise lebitso la Jehova Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele

      Hobane o tla o tlotlisa.*+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela