-
Deuteronoma 30:1-3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
30 Ha mantswe ana ohle a phethahala ho lona e leng tlhohonolofatso le bomadimabe tseo ke di behileng ka pela lona+ mme le ikgopotsa*+ ona le le hara ditjhaba tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le hasantseng ho tsona+ 2 mme le kgutlela ho Jehova Modimo wa lona+ ebile lona le bara ba lona le mamela lentswe la hae ho ya ka sohle seo ke le laelang sona kajeno, ka dipelo tsa lona tsohle le ka moya* wa lona wohle,+ 3 Jehova Modimo wa lona o tla le lata botlamuweng+ a le bontshe mohau+ mme a boele a le bokelle ho tswa ditjhabeng tsohle tseo Jehova Modimo wa lona a le hasantseng ho tsona.+
-
-
Esaia 66:20Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
20 Ba tla tlisa bana ba bo lona kaofela ho tswa ditjhabeng tsohle+ e le mpho ho Jehova ba palame dipere, dikariki, dikoloi, dimmoulo le dikamele, ho nyolohela thabeng ya ka e halalelang, Jerusalema feela jwalo ka ha batho ba Iseraele ba tlisa mpho ka sejana se hlwekileng ka tlung ya Jehova,” ke Jehova ya tjhong.
-