-
Jeremia 21:7Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 Jehova o boetse o re: ‘Ka mora moo, Morena Tsedekia wa Juda le bahlanka ba hae le batho ba motse ona ba phonyohileng lefu la sewa, sabole le tlala, ke tla nehelana ka bona letsohong la Morena Nebukadnezare* wa Babilona, matsohong a dira tsa bona le matsohong a ba batlang ho ba bolaya.+ Morena Nebukadnezare o tla ba bolaya ka sabole. A ke ke a ba utlwela bohloko le ha e le ho ba qenehela kapa ho ba hauhela.’”+
-
-
Jeremia 34:18-20Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
18 ‘Ho tla etsahala tjena ka batho ba fetohetseng selekane sa ka, ba sa kang ba phetha mantswe a selekane seo ba se entseng ka pela ka ka ho seha namane ka lehare ebe ba feta pakeng tsa yona*+ 19 e leng dikgosana tsa Juda le tsa Jerusalema, diofisiri tsa lekgotla, baprista le batho bohle ba naha ba ileng ba feta pakeng tsa namane e sehilweng ka lehare: 20 Ke tla ba nehella dira tsa bona le batho ba batlang ho ba bolaya mme ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa dinonyana tsa mahodimo le dibata tsa lefatshe.+
-