Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • 2 Marena 25:6, 7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 6 A tshwara morena+ mme a mo tlisa ho morena wa Babilona Ribla yaba o a ahlolwa. 7 A bolaya bara ba Tsedekia ka pela mahlo a hae mme Nebukadnezare a mo foufatsa, a mo tlama ka diketane tsa koporo yaba o mo isa Babilona.+

  • Jeremia 37:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 Morena Tsedekia a mo bitsa. Ha a se a le ka tlung*+ a mo botsa dipotso ka lekunutu a re: “Na ho na le molaetsa o tswang ho Jehova?” Jeremia a re: “E, o teng. O tla nehellwa morena wa Babilona.”+

  • Jeremia 39:5-7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Empa masole a Bakalde a ba lelekisa mme a fumana Tsedekia dithoteng tsa lehwatata tsa Jeriko.+ Masole a mo nka a mo isa Ribla+ ho Morena Nebukadnezare* wa Babilona naheng ya Hamathe+ moo morena a ileng a mo ahlolela teng. 6 Morena wa Babilona a laela hore bara ba Tsedekia ba bolawe ka pela mahlo a hae hona moo Ribla mme morena wa Babilona a laela hore bahlomphehi bohle ba Juda ba bolawe.+ 7 A foufatsa Tsedekia yaba ka mora moo o mo tlama ka ditlamo tsa koporo o mo tlisa Babilona.+

  • Jeremia 52:9-11
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 9 A tshwara Morena Tsedekia a mo tlisa Ribla ho morena wa Babilona naheng ya Hamathe yaba o a mo ahlola. 10 Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia ka pela mahlo a hae. A bolaela le dikgosana tsohle tsa Juda Ribla. 11 Ka mora moo, morena wa Babilona a foufatsa Tsedekia,+ a mo tlama ka diketane tsa koporo, a mo tlisa Babilona mme a mo kwalla ho fihlela letsatsing la lefu la hae.

  • Ezekiele 17:20
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 20 Ke tla lahlela letlowa* la ka hodima hae ke be ke mo tshwase ka lona.+ Ke tla mo isa Babilona, ke mo qosetse teng ka lebaka la ho se ntshepahalle.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela