-
2 Marena 25:9-11Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
9 A tjhesa ntlo ya Jehova,+ ntlo ya morena*+ le matlo ohle a Jerusalema.+ A boela a tjhesa matlo a banna bohle ba hlomphehang.+ 10 Masole ohle a Bakalde a neng a ena le mookamedi wa balebedi a heletsa marako a neng a potapotile Jerusalema.+ 11 Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a nka batho bohle ba neng ba setse motseng, batho ba neng ba balehetse ho morena wa Babilona le setjhaba sohle a ba isa botlamuweng.+
-
-
Jeremia 52:13-15Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
13 A tjhesa ntlo ya Jehova,+ ntlo ya morena* le matlo ohle a Jerusalema. A boela a tjhesa matlo ohle a maholo. 14 Masole ohle a Bakalde a neng a ena le mookamedi wa balebedi a heletsa marako a neng a potapotile Jerusalema.+
15 Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a hapa ba bang ba batho ba futsanehileng, a isa batho bohle ba neng ba setse motseng botlamuweng. A hapa le ba balehetseng ka lehlakoreng la morena wa Babilona le ba bang kaofela bao e leng ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho.+
-