Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Deuteronoma 28:53-57
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 53 Ka ha le tla be le thibeletswe ebile le hateletswe ke dira tsa lona, le tla lokela ho ja bana* ba lona e leng bara le baradi ba lona+ bao Jehova Modimo wa lona a le fileng bona.

      54 Esita le monna ya bonolo le ya phelang ha monate hara lona a ke ke a qenehela ngwanabo, mosadi wa hae ya ratehang kapa bara ba hae ba setseng. 55 A ke ke a ba arolela nama ya bara ba hae eo a tla e ja hobane ha a sallwa ke letho ka lebaka la ho thibellwa ka thata le kgatello eo dira tsa lona di le tlisetsang yona ka hara metse ya lona.+ 56 Mosadi ya bonolo le ya phelang ha monate hara lona ya neng a ke ke a nahana ho beha leoto la hae fatshe hobane a phela ha monate,+ a ke ke a qenehela monna wa hae ya ratehang, mora kapa moradi wa hae, 57 esita le thari e tswang pakeng tsa maoto a hae le bara ba hae bao a ba tswalang hobane o tla ba jella sephiring ka lebaka la ho thibellwa ka thata le kgatello eo dira tsa lona di le tlisetsang yona ka hara metse ya lona.

  • 2 Marena 25:3-7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Ka letsatsi la borobong kgweding ya bone, ha eba le tlala e kgolo+ motseng mme batho ba ne ba se na dijo naheng eo.+ 4 Ho ile ha dihuwa lebota la motse+ mme masole ohle a Jerusalema a baleha bosiu a tswa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabedi haufi le serapa sa morena ha Bakalde ba ntse ba potapotile motse. Morena Tsedekia a baleha ka tsela e yang Araba.+ 5 Empa masole a Bakalde a lelekisa morena, a mo fumana lehwatateng la Jeriko, masole ohle a hae a ne a balehile. 6 A tshwara morena+ mme a mo tlisa ho morena wa Babilona Ribla yaba o a ahlolwa. 7 A bolaya bara ba Tsedekia ka pela mahlo a hae mme Nebukadnezare a mo foufatsa, a mo tlama ka diketane tsa koporo yaba o mo isa Babilona.+

  • Esaia 3:1
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Morena wa nnete, Jehova wa mabotho,

      O amoha baahi ba Jerusalema le Juda ntho e nngwe le e nngwe,

      Metsi le bohobe,+

  • Ezekiele 4:16
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 A boela a re ho nna: “Mora motho, ke etsa hore ho se ke ha eba le dijo* Jerusalema.+ Baahi ba moo ba tla ja bohobe bo lekantsweng ba tshwenyehile+ le metsi ba tla nwa a lekantsweng ba tshohile haholo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela