-
2 Marena 24:14, 15Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
14 Morena Nebukadnezare a isa batho ba 10 000 ba Jerusalema botlamuweng e leng dikgosana tsohle,+ banna bohle ba matla, ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho le ba sebetsang ka tshepe.*+ Ba nka batho bohle naheng ntle le ba futsanehileng haholo.+ 15 A isa Jojakine+ botlamuweng Babilona.+ A boela a tlosa mme wa morena, basadi ba morena, balaodi ba lekgotla le banna ba hlomphehang naheng ba neng ba le Jerusalema yaba o ba isa botlamuweng Babilona.
-
-
Jeremia 24:1Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
24 Yaba Jehova o mpontsha dibaskete tse pedi tsa difeie* tse behilweng ka pela tempele ya Jehova. O ile a mpontsha tsona ka mora hore Nebukadnezare* morena wa Babilona a hape Jekonia*+ mora wa Jojakime,+ morena wa Juda ha mmoho le dikgosana tsa Juda, ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho le batho ba sebetsang ka tshepe.* O ile a ba tlosa Jerusalema a ba isa Babilona.+
-
-
Daniele 1:2, 3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
2 Ha nako e ntse e ya, Jehova a nehelana ka Morena Jojakime wa Juda letsohong la Nebukadnezare+ ha mmoho le tse ding tsa disebediswa tsa ntlo* ya Modimo wa nnete. Nebukadnezare o ile a tlisa disebediswa tseo naheng ya Shinare*+ ka tlung* ya modimo wa hae yaba o di beha matlotlong a modimo wa hae.+
3 Ka mora moo, morena a re Ashpenaze molaodi wa hae wa lekgotla ya ka sehloohong a tlise ba bang ba Baiseraele,* ho akareletsa le bana ba leloko la borena le la bahlomphehi.+
-