-
Jeremia 50:4, 5Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
4 Jehova o re: “Matsatsing ao le nakong eo, batho ba Iseraele le ba Juda ba tla ikopanya.+ Ba tla tsamaya ba ntse ba lla+ mme ba tla batla tataiso ho Jehova Modimo wa bona ba le mmoho.+ 5 Ba tla botsa tsela e yang Sione, difahleho tsa bona di shebile ka nqa eo,+ ba re: ‘Tloong mme re ikopanyeng le Jehova selekaneng se sa feleng se ke keng sa lebalwa.’+
-