16 Jehova wa mabotho o re:
“Le se ke la mamela mantswe a baprofeta ba le profetelang.+
Ba a le thetsa.
Ba le bolella dipono tseo ba inahanelang tsona+
Eseng tse tswang molomong wa Jehova.+
17 Ba dula ba re ho ba ntellang:
‘Jehova o itse: “Le tla ba le kgotso.”’+
Ba re ho bohle bao ka manganga ba latelang dipelo tsa bona:
‘Ha ho tlokotsi e tla le hlahela.’+