LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Marena 23:31-34
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 31 Joakaze+ o ne a le dilemo di 23 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dikgwedi tse tharo. Lebitso la mme wa hae e ne e le Hamutale+ moradi wa Jeremia ya tswang Libna. 32 O ile a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova jwalo ka baholoholo ba hae.+ 33 Faro Neko+ a mo isa teronkong Ribla+ naheng ya Hamathe e le ho mo thibela ho busa Jerusalema mme a patadisa naha silevera le kgauta ya boima ba dikhilokramo tse 3 420.*+ 34 Hape Faro Neko o ile a etsa Eliakime mora wa Josiase morena mme a fetola lebitso la hae hore e be Jojakime. A tlisa Joakaze Egepeta+ moo a ileng a shwella teng.+

  • 2 Dikronike 36:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 4 Hape Neko+ morena wa Egepeta a etsa Eliakime abuti wa Joakaze morena wa Juda le Jerusalema mme a fetola lebitso la hae hore e be Jojakime yaba o nka Joakaze ngwanabo o mo isa Egepeta.+

  • Jeremia 22:11, 12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 “Etswe Jehova o re ka Shalume*+ mora wa Josiase, morena wa Juda ya busang sebakeng sa ntate wa hae Josiase+ le ya tlositsweng sebakeng sena: ‘Ha a sa tla hlola a kgutlela moo. 12 O tla shwella sebakeng seo ba mo isitseng kgolehong ho sona mme ha a sa tla hlola a bona naha ena.’+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share