-
Daniele 3:26, 27Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
26 Nebukadnezare a atamela monyako wa sebopi se tukang sa mollo yaba o re: “Shadrake, Meshake le Abednego, lona bahlanka ba Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa,+ tswang le tle mona.” Shadrake, Meshake le Abednego ba tswa ka hara mollo. 27 Diofisiri tse kgolo, balaodi, matona le balaodi ba phahameng ba morena ba neng ba bokane moo,+ ba bona hore mollo ha o a ka wa tjhesa banna bana,+ moriri wa bona o ne o sa tlaboha, diaparo tsa bona di ne di sa tjha ebile ba sa nkge le mosi feela.
-