Dipesaleme
Pesaleme ya Davida.
א [Aleph]
37 O se ke wa halefa ka lebaka la batho ba kgopo.
O se ke wa honohela ba etsang dintho tse mpe.+
ב [Beth]
3 Tshepa Jehova mme o etse dintho tse ntle.+
Dula lefatsheng mme o tshepahale.+
4 Jehova o tla etsa hore o thabe haholo,
O tla o fa dintho tseo pelo ya hao e di batlang.
ג [Gimel]
6 O tla kgantsha diketso tsa hao tse lokileng jwalo ka ha letsatsi le tjhaba,
A etse hore toka ya hao e be jwalo ka letsatsi la motshehare.
ד [Daleth]
O se ke wa halefiswa ke motho
Ya atlehang ka maqheka a hae.+
ה [He]
8 Kgaotsa ho halefa, o tlohele bohale.+
O se ke wa halefa ebe o etsa dintho tse mpe.*
9 Ba etsang dintho tse mpe ba tla fediswa+
Empa ba tshepileng Jehova, lefatshe e tla ba lefa la bona.+
ו [Waw]
10 Ho setse nakwana e seng kae mme batho ba kgopo ha ba sa tla hlola ba eba teng.+
O tla sheba moo ba neng ba le teng
Empa ba tla be ba le siyo.+
11 Le ha ho le jwalo, lefatshe e tla ba lefa la ba bonolo,+
Ba tla thaba haholo hobane ho tla be ho rena kgotso.+
ז [Zayin]
ח [Heth]
14 Ba kgopo ba ntshitse disabole tsa bona ebile ba kobile diqha tsa bona
Hore ba dihe ba hateletsweng le ba futsanehileng
Le hore ba bolaye ba etsang dintho tse lokileng.
15 Disabole tsa bona di tla ba hlaba dipelo.+
Diqha tsa bona di tla rojwa.
ט [Teth]
17 Matla a ba kgopo a tla nkuwa
Empa Jehova o tla tshehetsa ba lokileng.
י [Yod]
18 Jehova o bona dintho tse etsahallang batho ba se nang molato,
Lefa la bona e tla ba le sa feleng.+
19 Ba ke ke ba hlajwa ke dihlong nakong ya tlokotsi.
Ba tla ba le dijo tse ngata nakong ya tlala.
כ [Kaph]
Dira tsa Jehova di tla nyamela jwalo ka makgulo a matala.
Di nyamele jwalo ka mosi.
ל [Lamed]
22 Lefatshe e tla ba lefa la batho bao Modimo a ba hlohonolofaditseng
Empa bao a ba rohakileng ba tla fediswa.+
מ [Mem]
נ [Nun]
ס [Samekh]
ע [Ayin]
Ba tla dula ba sireleditswe.+
Empa ditloholo tsa ba kgopo di tla fediswa.+
פ [Pe]
31 Molao wa Modimo wa hae o ka pelong ya hae.+
Maoto a hae a ke ke a thella.+
צ [Tsade]
32 Ya kgopo o shebile ya lokileng,
O batla ho mo bolaya.
33 Le ha ho le jwalo, Jehova a ke ke a tlohela ya lokileng matsohong a ya kgopo+
Kapa a mo fumana a le molato ha a ahlola.+
ק [Qoph]
34 Tshepa Jehova, o latele tsela ya hae,
O tla o tlotla mme lefatshe e tla ba lefa la hao.
O tla bona ha ba kgopo ba fediswa.+
ר [Resh]
35 Ke bone motho ya sehloho a bile a le kgopo
A atleha jwalo ka sefate se behang haholo mobung wa sona.+
36 O ile a shwa ka tshohanyetso yaba ha a sa le yo.+
Ka nna ka mo batla empa ha ke a ka ka mo fumana.+
ש [Shin]
37 Ela hloko motho ya se nang molato,*
O dule o shebile ya lokileng+
Hobane motho eo o tla phela ka kgotso nakong e tlang.+
38 Batho bohle ba tlolang molao wa Modimo ba tla fediswa.
Batho ba kgopo ba tla timetswa.+
ת [Taw]
39 Jehova ke yena ya pholosang ba lokileng.+
Ke sebaka sa bona se sireletsehileng nakong ya mathata.+
40 Jehova o tla ba thusa a be a ba pholose.+
O tla ba pholosa a be a ba lopolle ho ba kgopo
Hobane ba balehela ho yena.+