LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Esaia 9:6, 7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  6 Re tswaletswe ngwana,+

      Re filwe mora,

      Puso* e tla dula lehetleng la hae.+

      O tla rehwa Moeletsi ya Hlollang,+ Modimo ya Matla,+ Ntate wa ka ho sa Feleng, Kgosana ya Kgotso.

       7 Puso* ya hae e ke ke ya kgaotsa ho hola

      Le kgotso e tla ba teng ka ho sa feleng+

      Teroneng ya Davida+ le mmusong wa hae.

      E tla tsitsiswa+ le ho tshehetswa

      Ka toka+ le ka ho loka,+

      Ho tloha hona jwale ho ya ho ile.

      Jehova wa mabotho o tla etsa sena ka tjheseho.

  • Esaia 16:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  5 Jwale morena ya tswang lelokong la Davida o tla dula teroneng.

      O tla tshepahala+ mme terone ya hae e tsitsiswe ka lerato,*

      A ahlole ka toka mme a potlakele ho etsa dintho tse lokileng.”+

  • Jeremia 23:5
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Jehova o re: “Ho na le mohla ke tla hlahisetsa Davida mojalefa* ya lokileng.+ E tla ba morena+ mme a sebetse ka bohlale, a phethise toka le ho loka lefatsheng.*+

  • Ezekiele 37:24, 25
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 24 Mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona+ ebile kaofela ha bona ba tla ba le modisa a le mong.+ Ba tla mamela melao ya ka le ditaelo tsa ka.+ 25 Ba tla dula naheng eo ke e fileng mohlanka wa ka Jakobo, moo baholoholo ba bona ba neng ba dula teng.+ Ba tla dula moo bophelo bohle ba bona+ ha mmoho le bana* ba bona le ditloholo tsa bona.+ Mohlanka wa ka Davida o tla dula e le kgosana ya bona.+

  • Zakaria 12:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Letsatsing leo, Jehova o tla sireletsa baahi ba Jerusalema.+ Letsatsing leo, ya kgoptjwang* hara bona o tla ba jwalo ka Davida mme ditloholo* tsa Davida di tla ba jwalo ka lengeloi la Jehova le ba tataisang.+

  • Luka 1:31-33
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 31 O tla ima, o tswale mora+ ebe o mo reha Jesu.+ 32 O tla ba matla,+ a bitswe Mora wa Modimo ya Phahameng ka ho Fetisisa.+ Jehova* o tla mo fa terone ya ntate wa hae Davida,+ 33 puso ya hae e ke ke ya fela+ mme e tla ba morena wa bana ba Jakobo ka ho sa feleng.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share