LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Mareka 6:35-44
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 35 Ka ha e ne e se e le mantsiboya, barutuwa ba hae ba tla ho yena ba re: “Sebaka sena se hole haholo hape e se e le mantsiboya.+ 36 Ere batho bana ba tsamaye e le hore ba ka ya metseng le metsaneng e haufi ba ithekela dijo.”+ 37 Jesu a re ho bona: “Lona ba feng dijo.” Yaba ba re ho yena: “Re tlohe re yo reka mahobe a didenari* tse 200 mme re a fe batho baa hore ba je?”+ 38 A re ho bona: “Tsamayang le shebe hore na le na le mahobe a makae.” Ha ba kgutla ba re: “A mahlano le ditlhapi tse pedi.”+ 39 A laela batho bohle hore ba dule ka dihlopha hodima jwang.*+ 40 Ba dula ka dihlopha tsa ba 100 le tsa ba 50. 41 Yaba o nka mahobe ao a mahlano le ditlhapi tse pedi, a sheba lehodimong a kopa tlhohonolofatso.+ A qhetsola mahobe, a a fa barutuwa, barutuwa bona ba a fa batho mme Jesu a arolela bohle ditlhapi tseo tse pedi. 42 Ka hoo, bohle ba ja ba kgora 43 mme barutuwa ba nka dibaskete tse 12 tse tletseng bohobe bo setseng, ba boela ba nka le ditlhapi tse neng di setse.+ 44 Batho ba ileng ba ja mahobe e ne e le banna ba 5 000.

  • Luka 9:12-17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Ha e eba mantsiboya baapostola ba hae ba tla ho yena ba re: “Ere batho bana ba tsamaye ba kene metseng e haufi, ba fumane marobalo le dijo hobane mona ho hole.”+ 13 Jesu a re ho bona: “Lona ba feng dijo.”+ Ba re: “Re na le mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi feela, ntle le haeba re ka yo ba rekela dijo.” 14 Ho ne ho ena le banna ba ka bang 5 000 moo. Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Ereng ba ikarole ba dule ka dihlopha tsa batho ba ka bang 50 sehlopha ka seng.” 15 Ba etsa jwalo yaba batho kaofela ba dula fatshe. 16 Jesu a nka mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi, a sheba lehodimong a kopa tlhohonolofatso. A di qhetsola, a di fa barutuwa, barutuwa bona ba di fa batho. 17 Bohle ba ja ba kgora mme barutuwa ba nka dibaskete tse 12 tse tletseng dijo tse setseng.+

  • Johanne 6:5-13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 5 Ha Jesu a bona hore batho ba bangata ba tla ho yena a re ho Filipi: “Re tla reka mahobe hokae hore batho baa ba je?”+ 6 O ne a tjho jwalo e le hore a utlwe hore na o nahanneng hobane a tseba hore na o tla tloha a etsang. 7 Filipi a re: “Esita le mahobe a didenari* tse 200 a fokola haholo bakeng sa ho fepa setjhaba sena.” 8 E mong wa barutuwa ba hae e leng Andrease ngwanabo Simone Petrose a re ho yena: 9 “Moshanyana ke enwa ya nang le mahobe a mahlano a harese le ditlhapi tse pedi tse nyenyane empa di nyenyane haholo bakeng sa ho fepa setjhaba sena.”+

      10 Jesu a re: “Ereng batho ba dule fatshe.” Ho ne ho ena le jwang bo bongata sebakeng seo, ka hoo batho ba dula fatshe. Hara bona ho ne ho ena le banna ba 5 000.+ 11 Jesu a nka mahobe, a rapela yaba o a fa batho ba dutseng fatshe. A etsa jwalo le ka ditlhapi tse nyenyane mme ba ja ho fihlela ba kgotsofetse. 12 Ha ba se ba kgotshe a re ho barutuwa ba hae: “Bokellang dijo tse setseng e le hore ho se ke ha eba le letho le senyehang.” 13 Ka hoo, ba bokella dijo tse setseng ha ho ne ho jewa mahobe a mahlano a harese mme tsa tlala dibaskete tse 12.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share