-
Matheu 14:19-21Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
19 Ka mora moo, a re batho ba dule hodima jwang.* Yaba o nka mahobe ao a mahlano le ditlhapi tse pedi, a sheba lehodimong a kopa tlhohonolofatso.+ A qhetsola mahobe, a a fa barutuwa, barutuwa bona ba a fa batho. 20 Ka hoo, bohle ba ja ba kgora. Barutuwa ba nka bohobe bo setseng yaba bo tlala dibaskete tse 12.+ 21 Ho ile ha ja batho ba ka bang 5 000 ho sa balellwe basadi le bana.+
-
-
Mareka 6:39-44Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
39 A laela batho bohle hore ba dule ka dihlopha hodima jwang.*+ 40 Ba dula ka dihlopha tsa ba 100 le tsa ba 50. 41 Yaba o nka mahobe ao a mahlano le ditlhapi tse pedi, a sheba lehodimong a kopa tlhohonolofatso.+ A qhetsola mahobe, a a fa barutuwa, barutuwa bona ba a fa batho mme Jesu a arolela bohle ditlhapi tseo tse pedi. 42 Ka hoo, bohle ba ja ba kgora 43 mme barutuwa ba nka dibaskete tse 12 tse tletseng bohobe bo setseng, ba boela ba nka le ditlhapi tse neng di setse.+ 44 Batho ba ileng ba ja mahobe e ne e le banna ba 5 000.
-
-
Luka 9:14-17Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
14 Ho ne ho ena le banna ba ka bang 5 000 moo. Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Ereng ba ikarole ba dule ka dihlopha tsa batho ba ka bang 50 sehlopha ka seng.” 15 Ba etsa jwalo yaba batho kaofela ba dula fatshe. 16 Jesu a nka mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi, a sheba lehodimong a kopa tlhohonolofatso. A di qhetsola, a di fa barutuwa, barutuwa bona ba di fa batho. 17 Bohle ba ja ba kgora mme barutuwa ba nka dibaskete tse 12 tse tletseng dijo tse setseng.+
-