-
Matheu 10:2-4Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
2 Mabitso a baapostola ba 12 ke+ Simone, ya bitswang Petrose+ le Andrease+ ngwanabo, Jakobo mora wa Zebedea le Johanne+ ngwanabo, 3 Filipi, Bartholome,+ Thomase,+ Matheu+ mmokelli wa lekgetho, Jakobo mora wa Alfiase, Thadiase, 4 Simone wa Mokanana* le Judase Iskariota, eo ha morao a ileng a rekisa* Jesu.+
-
-
Mareka 3:14-19Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
14 A kgetha banna ba 12, a ba bitsa baapostola. Ba ne ba tsamaya le yena a bile a ba roma ho ya ruta batho ditaba tse monate tsa Modimo. 15 Hape a ba fa matla a ho leleka bademona.+
16 Banna ba 12+ bao a ileng a ba kgetha e ne e le Simone eo a ileng a mo reha Petrose,+ 17 Jakobo mora wa Zebedea le Johanne ngwanabo Jakobo (le bona a ba reha Boanergese, e bolelang “Bara ba Seaduma”),+ 18 Andrease, Filipi, Bartholome, Matheu, Thomase, Jakobo mora wa Alfiase, Thadiase, Simone wa Mokanana* 19 le Judase Iskariota, eo ha morao a ileng a rekisa* Jesu.
Yaba Jesu o kena ka tlung.
-