20 A re ho bona: “Ke hobane tumelo ya lona e a fokola. Ka nnete ke a le bolella hore haeba tumelo ya lona e lekana le peo ya mosetareta, le tla re ho thaba ena: ‘Tloha mona o ye mane,’ ebe e a tloha mme ha ho letho leo le ke keng la kgona ho le etsa.”+
21 Jesu a ba araba a re: “Ka nnete ke re ho lona, haeba feela le ena le tumelo mme le sa belaele, le tla etsa seo ke se entseng ka sefate sa feie. Hape haeba le re ho thaba ena: ‘Phahama o yo wela ka lewatleng,’ ho tla etsahala.+
23 Ka nnete ke re ho lona mang kapa mang ya reng ho thaba ena: ‘Phahama o yo wela ka lewatleng’ mme a sa belaele ka pelong ya hae empa a ena le tumelo ya hore ntho eo a e buang e tla etsahala, e tla fela e etsahale.+