LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Pesaleme 22:16-18
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 Dintja di mpotapotile.+

      Di mpotolohile jwalo ka batho ba etsang dintho tse mpe,+

      Di matsohong a ka le maotong a ka jwalo ka tau.+

      17 Nka kgona ho bala masapo a ka kaofela.+

      Ba ntjhebile ebile ba ntonetse mahlo.

      18 Ba arolelana diaparo tsa ka,

      Ba lahla lotho bakeng sa diaparo tsa ka.+

  • Esaia 53:7-9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  7 O ile a hatellwa+ mme a itumella hore a hloriswe+

      Empa ha ho letho leo a ileng a le bua.

      O ile a tliswa jwalo ka nku e tlo hlajwa+

      Jwalo ka nku e tshehadi e kgutsitseng ka pela bakuti ba yona,

      Ha ho letho leo a ileng a le bua.+

       8 O ile a tloswa ka lebaka la kahlolo e se nang toka.*

      Ke mang ya tla nahanisisa ka dintlha tse qaqileng tsa moloko wa hae?*

      O ile a tloswa naheng ya ba phelang.+

      A shapuwa* ka lebaka la phoso ya setjhaba sa ka.+

       9 Le hoja a ne a sa etsa letho le phoso*

      Ebile ho se na bolotsana ho yena,*+

      O ile a fuwa lebitla* sebakeng se le seng le ba kgopo.+

      Ha a shwa, a patwa le barui.*+

  • 1 Bakorinthe 15:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Tse ding tsa dintho tsa bohlokwa tseo ke ileng ka le bolella tsona ke tseo le nna ke ileng ka di rutwa e leng hore ho ya ka Mangolo, Kreste o shwetse dibe tsa rona.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share