-
Johanne 6:10, 11Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
10 Jesu a re: “Ereng batho ba dule fatshe.” Ho ne ho ena le jwang bo bongata sebakeng seo, ka hoo batho ba dula fatshe. Hara bona ho ne ho ena le banna ba 5 000.+ 11 Jesu a nka mahobe, a rapela yaba o a fa batho ba dutseng fatshe. A etsa jwalo le ka ditlhapi tse nyenyane mme ba ja ho fihlela ba kgotsofetse.
-