LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 27
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

Kakaretso ya Levitike

      • Ho lopollwa dintho tse neng di etseditswe kano (1-27)

        • Batho (1-8)

        • Diphoofolo (9-13)

        • Matlo (14, 15)

        • Masimo (16-25)

        • Letsibolo (26, 27)

      • Dintho tse filweng Jehova ka ho sa feleng (28, 29)

      • Ho lopollwa dintho tsa karolo ya leshome (30-34)

Levitike 27:2

Mangolo a Dithupiso

  • +De 23:21; Bhl 11:30, 31; 1Sa 1:11

Levitike 27:3

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “dishekele tse 50.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Kapa: “shekele.”

Levitike 27:4

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “dishekele tse 30.” Sheba Ntlha ya B14.

Levitike 27:5

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “dishekele tse 20.” Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Ka Seheberu: “dishekele tse leshome.” Sheba Ntlha ya B14.

Levitike 27:6

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “dishekele tse hlano.” Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Ka Seheberu: “dishekele tse tharo.” Sheba Ntlha ya B14.

Levitike 27:7

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “dishekele tse 15.” Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Ka Seheberu: “dishekele tse hlano.” Sheba Ntlha ya B14.

Levitike 27:8

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 5:7, 11; 12:8; 14:21
  • +Lu 21:2-4; 2Ko 8:12

Levitike 27:11

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 20:25; De 14:7, 8

Levitike 27:13

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 27:19

Levitike 27:14

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “halaletsa.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 27:11, 12

Levitike 27:16

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “homere e le nngwe.” Homere e lekana le dilithara tse 220. Sheba Ntlha ya B14.

  • *

    Ka Seheberu: “dishekele tse 50.” Sheba Ntlha ya B14.

Levitike 27:17

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “Jubile.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 25:10

Levitike 27:18

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 25:15, 16

Levitike 27:21

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 18:8, 14

Levitike 27:22

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 25:25

Levitike 27:23

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 27:11, 12, 18

Levitike 27:24

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 25:10, 28

Levitike 27:25

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Ka Seheberu: “shekele.”

  • *

    Ka Seheberu: “digera tse 20.” Gera e lekana le dikramo tse 0,57. Sheba Ntlha ya B14.

Levitike 27:26

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 13:2; Nu 18:17
  • +Ex 22:30; De 15:19

Levitike 27:27

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 27:11-13

Levitike 27:28

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 18:8, 14

Levitike 27:29

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “ya behelletsweng ka thoko bakeng sa ho fediswa.”

Mangolo a Dithupiso

  • +Nu 21:2
  • +Jos 6:17; 1Sa 15:3, 18

Levitike 27:30

Mangolo a Dithupiso

  • +Ge 14:20; 28:22; Nu 18:21, 26; De 14:22; 2Kr 31:5; Ne 13:12; Mal 3:10; Lu 11:42; Heb 7:5

Levitike 27:32

Mengolo e botlaaseng ba leqephe

  • *

    Kapa: “hlooho.”

Levitike 27:33

Mangolo a Dithupiso

  • +Le 27:9, 10

Levitike 27:34

Mangolo a Dithupiso

  • +Ex 3:1; Nu 1:1

Diphetolelo Tse Ding

Penya temana e le hore o bone ditemana tse tsamaisanang le yona.

Tse Ding

Lev. 27:2De 23:21; Bhl 11:30, 31; 1Sa 1:11
Lev. 27:8Le 5:7, 11; 12:8; 14:21
Lev. 27:8Lu 21:2-4; 2Ko 8:12
Lev. 27:11Le 20:25; De 14:7, 8
Lev. 27:13Le 27:19
Lev. 27:14Le 27:11, 12
Lev. 27:17Le 25:10
Lev. 27:18Le 25:15, 16
Lev. 27:21Nu 18:8, 14
Lev. 27:22Le 25:25
Lev. 27:23Le 27:11, 12, 18
Lev. 27:24Le 25:10, 28
Lev. 27:26Ex 13:2; Nu 18:17
Lev. 27:26Ex 22:30; De 15:19
Lev. 27:27Le 27:11-13
Lev. 27:28Nu 18:8, 14
Lev. 27:29Nu 21:2
Lev. 27:29Jos 6:17; 1Sa 15:3, 18
Lev. 27:30Ge 14:20; 28:22; Nu 18:21, 26; De 14:22; 2Kr 31:5; Ne 13:12; Mal 3:10; Lu 11:42; Heb 7:5
Lev. 27:33Le 27:9, 10
Lev. 27:34Ex 3:1; Nu 1:1
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
  • E bale ka phetolelo ena Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
  • 34
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Levitike 27:1-34

Levitike

27 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le Baiseraele o re ho bona, ‘Haeba motho a etsa boitlamo+ bo kgethehileng ba ho nyehela ho Jehova tjhelete e lekanngwang le boleng ba motho, 3 tjhelete e lekantsweng bakeng sa motho e motona ya dilemo di 20 ho ya ho tse 60 e tla ba dikotwana tsa silevera tse etsang boima ba dikramo tse 570* ho ya ka tekanyo* e sebediswang sebakeng se halalelang. 4 Empa haeba ke motho e motshehadi, tjhelete e lekantsweng e tla ba dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 342.* 5 Haeba ke motho ya dilemo di hlano ho isa ho tse 20, tjhelete e lekantsweng bakeng sa e motona e tla ba dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 228* mme bakeng sa e motshehadi e be dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 114.* 6 Haeba ke motho ya nang le kgwedi ho isa ho dilemo tse hlano, tjhelete e lekantsweng bakeng sa e motona e tla ba dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 57* tsa silevera mme bakeng sa e motshehadi e be dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 34* tsa silevera.

7 Haeba ke motho ya dilemo di 60 ho ya hodimo, tjhelete e lekantsweng bakeng sa e motona e tla ba dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 171* mme bakeng sa e motshehadi e be dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 114.* 8 Empa haeba a futsanehile haholo hoo a sa kgoneng ho ntsha tjhelete+ e lekantsweng, a ye ho moprista mme moprista a mo bolelle hore na a patale bokae. Moprista a mo lekanyetse tjhelete eo a lokelang ho e patala ho ya ka seo a ka kgonang ho se ntsha.+

9 Haeba a etsa boitlamo ba ho fana ka phoofolo e ka nyehelwang ho Jehova, phoofolo e nngwe le e nngwe eo a e fang Jehova e tla ba ntho e halalelang. 10 A ke ke a fana ka e nngwe bakeng sa yona kapa a fapanyetsana ka yona ka e ntle bakeng sa e mpe kapa e mpe bakeng sa e ntle. Empa haeba a fapanyetsana ka phoofolo e nngwe jwale diphoofolo tseo ka bobedi e tla ba tse halalelang. 11 Haeba e le phoofolo e sa hlwekang+ e ke keng ya tliswa e le nyehelo ho Jehova jwale a tlise phoofolo eo ka pela moprista. 12 Moprista a bolele hore na ke bokae ho latela hore na e ntle kapa e mpe. Theko eo moprista a e behileng ke yona e tla ntshwa. 13 Empa haeba a se a batla ho e reka, a e reke ka tjhelete eo moprista a itseng e ntshwe.+ Ho dikotwana tse ding le tse ding tse hlano tsa silevera a eketse ka se le seng ka hodimo.

14 Jwale haeba motho a fa* Jehova ntlo ya hae, moprista a lekanye boleng ba yona ho latela hore na e ntle kapa e mpe. Moprista a bolele hore na e tla ba bokae+ ho latela boleng ba yona. 15 Empa haeba motho ya faneng ka ntlo ya hae a se a e batla hape, a fane ka tjhelete e lekantsweng ebile ho ditjhelete tse hlano a boele a fane ka tjhelete e le nngwe ka hodimo mme ntlo e tla ba ya hae.

16 Haeba motho a fa Jehova karolo ya tshimo ya hae, theko ya yona e tla lekanngwa ho ya ka hore na ho hlokahala peo e kae ho e lema: Dinkgo tse leshome tse kgolohadi* tsa peo ya harese e tla ba dikotwana tse etsang boima ba dikramo tse 570* tsa silevera. 17 Haeba a fana ka yona Selemong sa Tokoloho,*+ theko ya yona e ke ke ya fetoha. 18 Haeba a fana ka tshimo ya hae ka mora Selemo sa Tokoloho, moprista a mo lekanyetse theko ya yona ho latela hore na ho setse dilemo tse kae pele Selemo sa Tokoloho se latelang se fihla mme theko+ ya yona e lokela ho fokotswa. 19 Empa haeba ho ka etsahala hore ya faneng ka tshimo ya hae a e lopolle, a fane ka tjhelete e lekantsweng, ho ditjhelete tse hlano a boele a fane ka tjhelete e le nngwe ka hodimo mme e tla dula e le ya hae. 20 Haeba a sa lopolle tshimo ya hae mme e rekisetswa motho e mong, e ke ke ya hlola e lopollwa. 21 Ha tshimo e lokollwa ka Selemo sa Tokoloho, e tla fuwa Jehova e le ntho e halalelang. E tla ba ya baprista.+

22 Haeba motho a fa Jehova masimo ao a a rekileng empa masimo ao e se karolo ya lefa la hae,+ 23 moprista a mo lekanyetse hore na ho fihlela Selemong sa Tokoloho masimo ao ke bokae mme hona letsatsing leo a fane ka tjhelete e lekantsweng.+ Masimo ao a a halalela ho Jehova. 24 Ka Selemo sa Tokoloho, masimo a kgutlele ho motho eo a rekilweng ho yena e leng monga masimo.+

25 Tjhelete e patalwang e lekanngwe ho ya ka tekanyo* e sebediswang sebakeng se halalelang. Tekanyo e sebediswang e be boima ba dikramo tse ka bang 11.*

26 Le ha ho le jwalo, ho se ke ha eba le motho ya fanang ka letsibolo la phoofolo ka ha letsibolo ke la Jehova.+ Ebang ke la poho kapa la nku, e se e ntse e le la Jehova.+ 27 Haeba letsibolo e le la diphoofolo tse sa hlwekang mme a le lokolla ho ya ka tjhelete e lekantsweng, a fane ka tjhelete e lekantsweng, ho ditjhelete tse hlano a boele a fane ka e le nngwe ka hodimo.+ Empa haeba le sa lopollwe le rekiswe ho ya ka tjhelete e lekantsweng.

28 Haeba motho a fa Jehova phoofolo kapa motho kapa masimo, di ke ke tsa rekiswa kapa tsa lopollwa. Ke tsa Jehova mme di a halalela ho yena.+ 29 Ho feta moo, ha ho na motho ya ahloletsweng lefu* ya ka lopollwang+ empa o lokela ho bolawa.+

30 Le fe Jehova tse ding tsa dihlahiswa tsa naha ya lona ebang ke tse tswang masimong kapa ke ditholwana tsa difate. Ho tse leshome+ le mo fe e le nngwe. Ke ntho e halalelang ho Jehova. 31 Haeba motho a batla ho reka ntho e le nngwe eo a faneng ka yona, a boele a fane ka karolwana ya yona ka hodimo. 32 Ha e le karolo e nngwe le e nngwe ya leshome ya mohlape wa dikgomo le wa dinku le dipodi e leng phoofolo* e nngwe le e nngwe ya leshome e fetang tlasa molamu wa modisa, e fuwe Jehova. 33 A se ke a hlahloba hore na e ntle kapa e mpe mme a se ke a e tjhentjha. Empa haeba a ka leka ho e tjhentjha, yona le phoofolo eo a e tjhentjhang ka yona ka bobedi di fuwe Modimo.+ Di se ke tsa lopollwa.’”

34 Tsena ke ditaelo tseo Jehova a di fileng Moshe bakeng sa Baiseraele Thabeng ya Sinai.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share