Daniele
1 Ka selemo sa boraro sa puso ya Morena Jojakime+ wa Juda, Morena Nebukadnezare wa Babilona a tla Jerusalema mme a e thibella.+ 2 Ha nako e ntse e ya, Jehova a nehelana ka Morena Jojakime wa Juda letsohong la Nebukadnezare+ ha mmoho le tse ding tsa disebediswa tsa ntlo* ya Modimo wa nnete. Nebukadnezare o ile a tlisa disebediswa tseo naheng ya Shinare*+ ka tlung* ya modimo wa hae yaba o di beha matlotlong a modimo wa hae.+
3 Ka mora moo, morena a re Ashpenaze molaodi wa hae wa lekgotla ya ka sehloohong a tlise ba bang ba Baiseraele,* ho akareletsa le bana ba leloko la borena le la bahlomphehi.+ 4 E ne e lokela ho ba batjha* ba phetseng hantle, ba shebahalang hantle, ba bohlale, ba nang le tsebo le temoho+ le ba ka kgonang ho sebeletsa phaleising ya morena. O ne a lokela ho ba ruta mongolo le puo ya Bakalde. 5 Hape morena a laela hore letsatsi le letsatsi ba fuwe tse ding tsa dijo tsa hae tsa maemo le veine eo a e nwang. Ba ne ba tlo kwetliswa* ka dilemo tse tharo ebe ka mora moo ba sebeletsa morena.
6 Hara bona ho ne ho ena le ba tswang lelokong* la Juda e leng Daniele,*+ Hanania,* Mishaele* le Azaria.*+ 7 Molaodi wa lekgotla ya ka sehloohong o ile a ba reha mabitso.* A reha Daniele Beltsatsare,+ Hanania a mo reha Shadrake, Mishaele a mo reha Meshake mme Azaria a mo reha Abednego.+
8 Daniele o ile a etsa qeto ka pelong ya hae hore a ke ke a itshilafatsa ka dijo tsa maemo tsa morena kapa veine ya hae. Ka hoo, a kopa molaodi wa lekgotla ya ka sehloohong hore a mo dumelle hore a se ke a itshilafatsa ka dintho tseo. 9 Modimo wa nnete a etsa hore molaodi wa lekgotla ya ka sehloohong a hauhele* Daniele.+ 10 Molaodi wa lekgotla ya ka sehloohong a re ho Daniele: “Ke tshaba morenaka, ya laetseng hore na le je eng le hore na le nwe eng. O tla reng ha a ka le bona le otile ho feta batjha* ba bang ba lekanang le lona? Le tla mpolaisa ka morena.” 11 Daniele a bua le mohlokomedi eo molaodi wa lekgotla ya ka sehloohong a neng a mo kgethile hore a hlokomele yena, Hanania, Mishaele le Azaria a re: 12 “Re kopa o re leke ka matsatsi a leshome mme re dumellwe ho ja meroho le ho nwa metsi. 13 Ebe o bapisa tsela eo re shebahalang ka yona le eo batjha* ba jang dijo tsa morena tsa maemo ba shebahalang ka yona. Ka mora moo, o etse qeto ya hore na o tla etsang ka rona ho ya ka seo o se bonang.”
14 Ka hoo, a dumela kopo ya bona yaba o ba leka ka matsatsi a leshome. 15 Ka mora matsatsi a leshome, ba ne ba le batle ebile ba phetse hantle* ho feta batjha* bohle ba neng ba ja dijo tsa morena tsa maemo. 16 Mohlokomedi a nna a ba fa meroho ho ena le ho ba fa dijo tsa maemo le veine ya morena. 17 Modimo wa nnete a fa batjha* bana ba bane tsebo, bohlale le bokgoni ba ho utlwisisa dintho tsohle tse ngotsweng. Daniele yena o ile a fuwa bokgoni ba ho utlwisisa mefuta yohle ya dipono le ditoro.+
18 Ha nako eo morena a neng a e behile ya hore ba tliswe ho yena e fihla,+ molaodi wa lekgotla ya ka sehloohong a ba tlisa ka pela Nebukadnezare. 19 Ha morena a bua le bona, sehlopheng sohle sa bona ho ne ho se na ya tshwanang le Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria.+ Ba ile ba sala mme ba sebeletsa morena. 20 Ha morena a ba botsa ka ditaba tse hlokang bohlale le kutlwisiso, o ile a hlokomela hore bohlale ba bona bo feta ba baprista bohle ba maselamose le dinohe+ tse pusong ka makgetlo a leshome. 21 Daniele a dula moo ho fihlela ka selemo sa pele sa puso ya Morena Saeruse.+